Local NewsNews

Vosloo poet

Teboho Mahapa, mongodi ya hlaheletseng ka mahetla wa dibuka tsa se Sotho, o phahlaladitse buka entsha ya dithothokiso.

Lebitso la buka ena ke; “Dikakata Tsa Bophelo”, Mahapa leka mohopola ka tse ding tsa dithothokosiso tse neng di balwa dikolong Afrika Borwa. Tse diding tsa tsona ke; “Hake kopa tswarelo”, “Kea I tshola” le tse ding.

Mona re arolelana ka buka tse hlanu ho babadi ba Kathorus MAIL ba tla arabang di potso tse latelang ka nepo.

Di potso tse hlanu ketsena;

(1): Ke mang bitso la mo ngodi wa buka ena etsha ya di thothokiso?

(2); Fana ka lebitso la buka?

(3): Ke mang bitso la mohatisi was Kathorus MAIL?

Romela potso t shao ho nomoro ena ya Whatsapp 061 586 6847.

Eseng ka bitso laka

A nke ke etse thapedi ho ban aba baloi

Ke kgumame ma mangole ke ba rapele

Hore ketsong tsohle tsa bonatse soto

Ba se sebedise la monna lebitso

Ramasedi o bopile monna a motsepa

Ammopa kay a hae kgopo ho bontsa lerato

A qetella ka ho mo etsa hlooho lefatseng

Hore tsohle tse lefatsheng di be tshireletsong y hae

Ka pelo ya ka e utlwa bo satsweng madi bohloko

Ha bahanyapetsi ba beta ba bolaya

Ba kwetela ke tjho le ona maseaqheme

Tsena tsohle ba di etsaba tenne marikgwe e le banna

Ke ka hook e etsang thapedi ho bona nna kgutsana

Ho tsohle tse soto tseo ba di etsang

Ba se sebedise la monna lebitso ke a ba qela

E seng ka bitso laka, bitso la monna

Ha ntse le beta bana le beta basadi

Le bolaya ka sehloho le hloka matswalo

Oho hle! Ke a le rapela mekoto ting

E seng ka bitso laka

Hale hlopjwa ke kgammoroso ka marugkweng

Le sa kgone ho di laola le ho di kgalema

Ke a lekopa hleng ban aba baloi

E seng ka bitso la ka.

Related Articles

Back to top button